Mamello. Lebohang Pheko. Читать онлайн. Newlib. NEWLIB.NET

Автор: Lebohang Pheko
Издательство: Ingram
Серия:
Жанр произведения: Учебная литература
Год издания: 0
isbn: 9780624082095
Скачать книгу
a nkile meriana eo ka yona a neng a ilo oka Mamello. Ha ba ka be ba ntumedise batho ba lapa leo, empa tsatsing leo o ile a ntumedisa. Ho nna e ne e le mohlolo o moholo, empa ke ile ka dumela. Ha ho ne ho ka fihla motho ya tswang hole a tlo dula pela moo re dulang o ne a ka hlapanya hore moo lapeng leo ngwana ha a yo. Ha a boela ka tlong ha hae, o fumane ntlo e hlwekile mme le Mamello a hlwekile. O ile a mo etsetsa lerata a mmotsa hore na ke mang ya itseng a hlwekise empa a ipone hore maemo a hae a jwang? Mamello o ile a itshirelletsa hlo ho le sefahleho ka matsoho a lla ebile a kopa tshwarelo. Masisapelo ruri. Lesea la Modimo le ne le sotlwa ka hohle le ha a se a babelwa.

      Matsatsi a ile a feta mme ka bona hore seo sona ha se a loka, le nna ke le tjena nka se kgone ho se emela. Ka letsatsi le leng itse ha ba tswa ba theohela batswadi ba Mamello, le nna ke ile ka tswa ka theohela mosebetsing wa ka. Ke ile ka ya shopong ka tjheletenyana eo ntate a mphang yona ka tlong, mme ka ilo reka dibuka tsa dipale tsa bana ba ithutang ho bala le tse ngollang mmoho le dipene. Tse ding tsa di buka ke tse nang le ditshwantsho feela mme di hloka ho takwa ka mebala. Batho ba ne ba maketse haholo ha ba bona ke reka dintho tsa bana empa ke se na bana. Empa ka ha ba ne ba sa tsebe hore ke di reketse eng, ke ile ka ba tlohela ba maketse jwalo. Hape seo ke neng ke se etsa e ne e le lekunutu la ka ke le mong leo ke neng ke sa le bolella le ntate ka tlong.

      Ha ke kgutla dishopong tsatsing leo, ha nka ka ba ka dula ka ntle jwalo ka tlwaelo. Ke ile ka dula ka tlung ka ba ka qeta matsatsinyana ke ntse ke shebisisa dibuka tsena hantle hore na di sebetsa jwang. Ka mora hore ke lemohe hore dibuka di sebetsa jwang, ke ile ka tsoha hoseng ka matjeke ka fiela lebala ke ntse ke bina. Ha ntate wa lapeng a mpotsa hore na ebe ke thabetse eng ha ke a ka ka mo araba, empa ke ile ka itshehela.

      Ka hora ya botshelela ha batswadi ba Mamello ba tsamaya, ke ile ka ba sheba hore na ba se ba palame na; ho tloha moo ka ya ka tlong ka ilo hlapa. Yaba ke ya ha boMamello ka mo kopa hore a mpulele monyako ke kene. O ile a bula mme ka mmotsa hore a ka rata ha nka ba mosuwe wa hae na? O ile a dumela ka pele mme a re, “Joo! Nka thaba haholo feela, e be o ka qala neng ho nthuta?” Ke ha ke re ho yena re ka qala nako e nngwe le e nngwe ha feela a ka sala melao ya ka morao. Seo ha ya ka ka ya eba bothata ho Mamello hohang. O ile a thaba haholo le ha feela a ne a bonahala a na le ngongorehonyana e itseng. Bothata e ne e le hore na taba ena ya rona re e qala jwang moo teng re ka etsang hore batswadi ba hae ba se ke ba tseba ka yona. Ke ile ka etsa selekane le yena hore sena seo re se etsang, ha ho na le ka mohla o le mong batswadi ba hae ba tlang ho tseba ka sona. Tiisetso ena ya ka e ile ya mo kgothatsa haholo mme a hlatswa le pelonyana ya hae.

      Re ile ra tlameha ke ho loha leano la hore taba ena e sebetse ho se pelaelo le ha e le nngwe ho batswadi ba Mamello. Tumellano ebile ya hore ke tla tsoha ka matjeke ebe ke a sebetsa, le yena Mamello hang feela ha batswadi ba hae ba qeta ho tsamaya a be a se a ntse a qala ka mosebetsi. E be o a hlapa, ha a qeta a tle ho nna, ha ka, re qalelle ka taba tsa rona. Re ile ra dumellana ka tseo kaofela mme nna ka tsamaya ka ya lapeng ho etsetsa hore ha mme wa Mamello a ka fihla a se ke a mphumana moo ha hae hobane o ne a ka halefela Mamello haholo ebe Mamello o shapuwa ka baka la ka. Taba eo ke ne ke sa tlo kgona ho e emela, ke motho e moholo haholo ho Mamello mme ke lokela hore le diketso tsa ka di tshwanele dilemo tsa ka. Ke ne nke ke ka kenya ngwana tsietsing e kaalo e be ha ho se ho le hobe ho yena, nna ke dutse ha monate ka tlong ya ka.

      Hang ha ke fihla lapeng, ke ile ka fumana ntate wa lapa la ka a se a le teng. O ile a halefa haholo ha a bona hore ke tswa ka lapeng la ha boMamello hobane le baahisani bohle ba neng ba le haufi le rona ba ne ba se ba tseba ka bohlaswa bo ka lelapeng la boMamello, le ha feela le ne le bonahala le le letle ka ntle. O ile a mpotsa hore na ke ne ke behwa keng moo lapeng leo, ha ke a ka ka tseba ho mo fa karabo e nepahetseng, empa ke ile ka mo jwetsa hore seo ke neng ke ilo se etsa ke ho kgutlisetsa kgotso pelong ya leseanyana leo la Modimo. Ka ha o ne a tseba hore le nna ke ne ke rata bana le ha ke sa kgone ho ba fumana, le hore ke tla etsa se seng le se seng ho ka pholosa moya wa ngwana eo ekang o hlorile, o ile a leka ho utlwisisa a ba a re ho nna, “Ke a tseba ha o na ho ka etsa ntho feela o se na lebaka le utlwahalang, mme seo o se etsang ke tla o tshehetsa ho sona.”

      Mantswe ao a ile a nkgothatsa haholo mme ka tlala morolo o moholo. Ke ile ka tseba hang hore dintho tsohle di tla tswella ha feela ke fumane tshehetso etswang ka lapeng la ka.

      Конец ознакомительного фрагмента.

      Текст предоставлен ООО «ЛитРес».

      Прочитайте эту книгу целиком, купив полную легальную версию на ЛитРес.

      Безопасно оплатить книгу можно банковской картой Visa, MasterCard, Maestro, со счета мобильного телефона, с платежного терминала, в салоне МТС или Связной, через PayPal, WebMoney, Яндекс.Деньги, QIWI Кошелек, бонусными картами или другим удобным Вам способом.

/9j/4R5jRXhpZgAATU0AKgAAAAgABwESAAMAAAABAAEAAAEaAAUAAAABAAAAYgEbAAUAAAABAAAA agEoAAMAAAABAAIAAAExAAIAAAAkAAAAcgEyAAIAAAAUAAAAlodpAAQAAAABAAAArAAAANgALcbA AAAnEAAtxsAAACcQQWRvYmUgUGhvdG9zaG9wIENDIDIwMTcgKE1hY2ludG9zaCkAMjAxNzoxMDox MyAxMjowODozNAAAAAADoAEAAwAAA