Mamello. Lebohang Pheko. Читать онлайн. Newlib. NEWLIB.NET

Автор: Lebohang Pheko
Издательство: Ingram
Серия:
Жанр произведения: Учебная литература
Год издания: 0
isbn: 9780624082095
Скачать книгу
>

      

      Mamello

      Lebohang Jeanet Pheko

      Tafelberg

      Kgau ya Sanlam ya Dingolwa tsa Batjha ya 2017 ya Silebera

      KGAOLO YA

      1

      Ka nako tse ding batho re ahlolana kapa hona ho etsetsana diqeto ntle le bonnete ba taba. Sena se etsahala bathong bohle ho tloha ho e monyane ho isa ho e moholo. Kahlolo ke ntho e tlwaelehileng eo ho phedisanwang ka yona merabeng yohle, le bobe ba yona ha re sa bo bona kapa hona ho bo natsa. Empa e nkutlwisang bohloko ka ho fetisisa ke ena eo rona re le batho ba baholo re e etsang baneng. Re ahlola bana ka nako tsohle re sa leke le ho leka hore re ithute bona kapa re utlwisise seo ba re hlalosetsang sona.

      Mahlong a rona bana ha se letho, ebile se seng le se seng seo ba se buang ho rona re nka se se na molemo wa letho e leng taba e fosahetseng. Bana ke letlotlo ebile ke bokamoso ba rona le bona bophelo ba rona re le batswadi.

      Ngwana e mong le e mong ha a bua o tseba seo a se buang etswe le lona lesea ha le etsa modumo le a tseba hore na modumo oo o bolelang ho lona.

      A re ke re tloheleng hore bana ha ba tsebe letho hobane nnete ha e buuwa, bana bao ba na le tsebo e batsi ho feta rona re le batswadi. Rona re itsebela feela tseo re hotseng ka tsona e leng tsa kgolo ya rona.

      Kajeno lena bana ke lesedi la rona hobane bophelo bo fetohile mme maemo a tsejwa ke bona, le thekenoloji e tsejwa ke bona ho feta ka moo rona re ka nahanang hore re e tseba ka teng. Ha o nyenyefatsa se etswang ke ngwana kapa o se nyatsa, eba motho eo wa Modimo yena o ne a leka ho etsa se lokileng, o mo hlekefetsa maikutlong haholo ebile o etsa hore a ipone e se letho. Batho ba baholo re hlekefetsa bana ka tsela tse ngata tseo bang ba rona ba di bonang, ha ba bang ba sa di elellwe. Puo kapa ketso e ka hlekefetsa bana maikutlong, ha ka nako tse ding re ba hlekefetsa mebeleng ya bona.

      Bana, mmuso ona wa rona wa Aforikaborwa o le ratile haholo ebile o bone ho le molemo hore o le sireletse ditlhekefetsong tsena tsohle tse ngata. Empa bothata bo be bo qala batswading ka hore ha feela o ntse o le ngwana, ha o na ho ba le ditokelo ka tlong ya hae. Empa ha o le ngwana ya lokileng mme o tseba molao, o tla tseba hore o lokela ho sebedisa ditokelo tsa hao hokae. Ha o di sebedise sekolong ha e le wena ya phoso, kapa ka tlong ha o balehela kgalemelo ya batswadi. Empa o tlameha ho jara boikarabelo ba diketso tsa hao. Le hopole hle bomphato hore ke lona matitjhere le babusisi ba ka moso ba naha ena ya rona mme re tshepetse ho lona.

      Sena ke se bua tjena ke utlwile bohloko haholo ka bana ba rona ba hlokang tlhokomelo le lerato batswading ba bona. Ha ke sebetse, ke dula ke ituletse ka ntle mehla le matsatsi hoseng ha ke qetile ho hleka ka tlong. Ke dula pela lelapa le bonahalang le iphelela ha monate e le ntate, mme le ngwana. Ke dula ke shebile lelapa lena le letle feela ka ntle mahlong a batho, empa ka hare ke dihlong feela. Ntate wa teng o sebetsa difemeng tsa ditshepe, ha mme yena a sebetsa dikitjhineng. Ba fihla lapeng ha nako e le bohora ya botshelela thapama.

      Moradinyana wa bona Mamello yena o tla sala hae ebe o etsa mosebetsi wa ka lapeng. Mamello o na le dilemo tse leshome mme ha a tsebe hore na thuto ke eng hobane habo ba mo tima monyetla oo wa thuto. Ha a lokela le ho tsamaya a re o etela metswalle kapa yona e mo etele hobane ha a ka etsa seo, ha a le bona nthwana batho. O tla shatjwa hore a be a lakatse eka lefatshe le ka petsoha mme yena a kena. Tjhelete ha se yona lebaka la ho se kene sekolo hoo hae hobane batswadi ka bobedi ba a sebetsa mme ba fumana meputso e metle. Mamello le yena o amohela tjhelete ya mmuso ya thuso ya kgodiso ya bana, ebile le dikolo ha di sa lefellwa hore ngwana a ka ithuta, ke mahala. Lebaka la hore a se ke a iswa sekolong ke hore feela ha mmae a kgutla mosebetsing o fihla a kgathetse. Jwale molemo ke hore Mamello yena a sale hae a ntse a etsa mosebetsi wa lelapa.

      O ne a tseba mosebetsi o mong le o mong ntle le pitsa feela hobane ntatae o re a ka tjha ha a ka leka ho pheha.

      Habo Mamello e ne e se hole ha kaalo le sekolo sa dihlopha tse tlase. Batswadi ba hae ba ne ba ya mosebetsing ka hora ya botshelela hoseng, ebe ba re a sale a ikwalle hore ho se be le motho ya kenang ka tlong, e be o tla tsoha a kwale Mamello.

      E ne e le ngwana ya mosa, ya lerato ebile a na le hlompho mothoa e mong le e mong. O ne a ka dula a hlatseng dijana e be ka hora ya bosupa ha a utlwa lerata la bana ba qoqang ba ya sekolong, a hlahe fensetereng a ilo hlodisa. E re ha ba se ba felletse, e be o ya ka phaposing ya hae ho ya lla a itjhebile seiponeng.

      Mamello o ne a ipotsa hore na e be bothata bo hokae ba hore a se ke a dumellwa ke batswadi ba hae ho ya sekolong jwalo ka bana ba bang, o ne a ipotsa hore na phoso e ho yena kelellong kapa mmeleng na? Ha bana ba hoeleditse sekolong ba rutwa o ne a ba etsisa ka seo ba se buang ka nako tsohle, e be nna ke mo mametse ha a ntse a ba etsisa jwalo. Pelo ya ka e be e rotha madi ka nako eo, empa ho ne ho se letho leo nka le etsang. O ne a tla dula a le mong ka ntlong eo ya habo e be o hoeleditse letsheare lena kaofela a ntse a etsa seo bana ba se etsang sekolong. Seo se ne se mo etsa hore a ikutlwe eka o ka phaposing ya ho rutelwa.

      Thapama ha batswadi ba fihla, o ne a thaba haholo hobane ho hlora ho ne ho ba siyo e be o tla botsa mmae pele hore ho ne ho le jwang mosebetsing, ka morao a botse ntatae.

      Ba ne ba mo araba empa dikarabo tsa bona di ne di sa kgotsofatse hobane di ne di fihla di otla ha bohloko pelong ya Mamello.

      “Mohlang o hodileng, o na le lelapa, o sebetsa, o tla tseba hore na ho jwang mosebetsing.”

      Eo e ne e ba karabo ya mme, ha ya ntate yona e le.

      “O ngwana, ha o no utlwisisa mosebetsi kajeno, tsamaya o ntlele dieta tse ding ke tlo rwala”.

      O ne a tseba hantle Mamello hore na mosebetsi o jwang empa bona ba sa elellwe seo. Ha ke ne ke sa tsebe ke ne ke tla nahana hore Mamello ha se ngwana wa bona kapa ha ba ka ba tloha ba mo ratile a sa tswalwa. Mmae o ne a ka pheha ebe o tsholela lelapa la hae, e be ha ba qeta ho ja, Mamello o tswella pele ka ho hlatswa dijana a nto ya hlapa a itokisetsa ho robala. Ha a ilo robala, o siya batswadi ba hae ba dutse ba shebelletse ditaba.

      Ka le leng la matsatsi pele a robala, o ile a kopa mmae le ntatae hore na le seo a tlo ba etsetsa sona, mme ba dumela. O ile a etsa dithothokiso tsane tseo a neng a di mametse ebile a di etsa mmoho le bana ba sekolo, seo se ile sa halefisa batswadi ba hae ha bohloko. Ho fapana le hore ba thabele ho utlwa ngwana wa bona ho na le seo a se tsebang le ha a ntse a dutse hae, bona ke ha ba mo halefela.

      Sello sa Mamello ke ile ka se utlwa ke le ka tlong ya ka hore jwale eo ngwana o a bolawa. O ne a tsekiswa feela hore na o bona seo batswadi ba hae ba se etsang e le phoso na? Bona ha ba mo ise sekolong empa o se a tseba haholo. Ba ne ba nahana hore ka mohlomong Mamello o tswa ka tlong ho nanarela sekolong. O ile a leka ho ba hlalosetsa hore tseo ba di nahanneng kaofela ha se tsona, mme a re o ba bolella nnete ya taba, empa kae? Motswadi ke motswadi, ha a qetile le maikutlo ha ho letho leo o ka mo jwetsang lona. O ile a shapuwa hore ke be ke tswele ka ntle bosiung boo, ke batle ho ya moo ke lo thiba. Empa heke ya moo e ne e notlelwa, hape ntate wa teng o ne a le kgopo bo tshabehang. Yaba ke sitwa ho ka ilo namolela Mamello.

      E ne etlare ha ba mo shapile, mme o ne a sa ye mosebetsing ka nako ya mehla hore a sale a mo oka metsotswananyana feela. Mmae o ile a tsamaya ka hora ya borobedi tsatsing leo. Hang ha a qeta ho palama koloi e mo isang mosebetsing, ke ile ka ya mme ka kokota hore Mamello a mpulele.

      “Koko! Mamello, Mamello wee! Ke nna bula!”

      O ile a botsa hore ke nna mang empa ka mora hore a utlwe lentswe la ka hape yaba o a bula. Eitse ha a bula monyako, seo ke ileng ka se bona ha ke a tloha ke se ratile ho hang.

      Ngwana o ne a le metopa ya lebanta hohle mmeleng le sefahlehong. Mme le mose oo a neng a o apere o ne o na le madi a ntseng a qhitsa ho tswa ho e meng ya metopa e neng e le ka mokokotlong.

      “Ke etse jwang? Ke bitse mapolesa hore ba tlo bona see? Kapa ke ise ngwana eo lefapheng la bana?”

      E ile ya eba potso tseo ke ipotsang tsona tseo. Empa hee, ke ne ke tseba seo ke neng ke lokela ho se etsa. Ke ne ke lokela ho tshela metsi a futhumetseng le letswai mme ke todise ngwana eo, ke thobe mmele oo o bohloko, ke mo etsetse lesheleshele mme ke mo kope hore a robale hanyane ke hleke ntlo eo yabo. Ke ne ke tseba hore mmae o ne a ka nna a fihla ka